Litereke tse amehileng ke komello li una molemo

…. Sefapano se Sefubelu se phallela litereke ka M16 millione

Mokhatlo oa Sefapano se sefubelu Lesotho o thakhotse morero oa ho kenya letsoho ho phallela sechaba se amehileng ke tlhokahalo ea lijo literekeng tse hlano.

Ha a bua ‘mokeng o neng o le Maseru ka Labohlano, Mookameli oa Morero Mofumahali Sebongile Hlubi o hlalositse morero ona o ile oa thehoa kamor’a ho sheba boemo ba linaha tsa Afrika e ka Boroa, haholo Lesotho.

A re lipalo-palo li supa hore ke bonyane batho ba balloang ho limilione tse 34 Afrika e ka Boroa ba anngoeng ke komello ‘me Mokhatlo ona oa Sefapano se Sefubelu o tlil’o fana ka chelete e kaalo ka M16 Millione literekeng tse hlano eleng Maseru, Mafeteng, Mohale’s Hoek, Quthing le Qacha’s Nek.

“Ke linaha tse ngata haholo tse amehileng ke komello ‘me ka ho khetholoha re tlil’o thusa naha ea Lesotho boemong bona, re le Sefapano se Sefubelu re arolela litereke tse hlano chelete e kaalo ka M16 Milione ‘me sena re se etsa e le ho khahlametsa batho bao litabeng tsa temo”, ho rialo  Mof. Hlubi.

Ha a tsoelapele a re holim’a chelete eo, ke bonyane malapa a 2500 setereke ka seng a tlil’o kholisoa chelete e kaalo ka M1, 200 nakong ea likhoeli tse tharo ho qala ka Phupu selemong se holimo.

A phethela ka hore ba tlil’o fana ka lipeo tsa temo ea majareteng, thuto ka thuso ea Basupisi litabeng tsa temo esita le tlhabollo ho malapa ao kaha ba ile ba ameha maikutlong ke taba ea komello.

Ho feta moo, Mookameli oa mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu Lesotho Monghali Harry Nkhetše, ho hlaha ofising e Pretoria o itse Mokhatlo ona o ne o thehoe ka selemo sa 1963 ka sepheo sa ho tla thusa Basotho ka mathata a likoluoa ‘me ke seo ba tlil’o se etsa ha joale ka morero ona o thakholoang.

A re sepheo sa kopano ena ke ho tla thakhola morero ona e le ho etsa seo mokhatlo ona o thehiloeng ka lebaka la sona.

A boela a re ha ba ntse ba etsa lipatlisiso ba fumane hore litereke tse bontšang li amehile haholo ke tlhokahalo ea lijo ka lebaka la komello ke tseo tse hlano ‘me ke tsona feela tseo ba tlil’o sebetsana le tsona selemong sena sa lichelete.

“Malapa a hlahang literekeng tsena a hlophehile haholo hoo ba sa atleheng feela le ho ba le  litlhoko tsa mantlha tsa botho ‘me re le ba mokhatlo re tlil’o etsa bonnete ba hore malapa ao a fumana lithuso hore le bona ba be le tšepo ea bophelo le hore ba ikutloe e le karolo ea rona”, a rialo Monghali Nkhetše.

Ho feta mona, Letona la Temo, Kanetso ea lijo le Phepo e nepahetseng Monghali Thabo Mofosi o ipilelitse ho Basotho ho ikeletsa ho akofisa litšebeletso tse tla bebofatsa lintho mabapi le litaba tsa temo.

“Ke lumela hore motho e mong le e mong ea teng mona o ithutile hore re lokela ho ipopa ngatana-ngoe hore  nakong e tlang re ka loantša boemo bo tjena joang, re lokela ho shebela pele hore nakong ea komello re ka iphelisa joang”, a rialo.

Ha a phethela, a re o ipiletsa ho mokhatlo ona ho tšoarana ka matsoho le makala a amehang ‘moho le ‘muso oa Lesotho hore ba tle ba fihlele seo kaha ntjapeli e sa hloloe ke sebata.

Ea phethetseng tsa kopano ena ka ho thakhola morero ona ka molao, Letona Ofising ea Tona-kholo Monghali Limpho Tau o itse o motlotlo ka tšebelisano e ntle lipakeng tsa mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu le ofisi ea Tona-Kholo, a ba a re ba sebelitse ka thata ‘moho ho bona hore morero ona oa atleha.

A phethela ka hore o ipiletsa ho mokhatlo ‘moho le ba lefapha la likoluoa ho bona hore chelete ea bafani e fella mosebetsing oo eo reretsoeng eseng ho hong.

Monghali Tau a re nakong ea lilemo tse peli ho tloha hona joale naha ea Lesotho e tla be e phethela lilemo tse 60 e ipusa ‘me ho a soabisa hore e ntse e le mokopa-kopa e khaketsoa ke linaha tse ling ha maemo eka ana a komello.

A re Basotho ba lokela hore e be ba se ba ikemela ‘me a ipiletsa ho Monghali Mofosi hore joalo ka Letona la Temo a eme ka maoto ho bona hore Lesotho le iphelisa ka temo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *